Koena, wild mint in Sesotho

Lebitso le tloaelehileng: Koena

wild mint koena

wild mint koena

wild water mint, koena

wild water mint, koena

 

 

 

 

 

 

Koena e monko o monate ebile e ea latsoeha e sebelisoa ka matlung a ho phela malapeng, hape e sebelisoa ele moriana. Hona le tse ling tse ngata tse melang moo ho leng mongobo.

TLHALOSO EA KOENA KAPA BOLENG

Koena ke setlama se holang kapele haholo. Lesotho eka hola ka bolele ba 30cm ho isa 50cm. e monko o matla, makhasi a koena a bopehile ka lihlopha abile a bapile lekalaneng le le leng. Makhasi a koena a bonojoana , a malelele abile a metsu a masesanyane ho ea qetellong. 3-4cm ka bophara ba 7-20mm. makhasi a boea hape a na le meno ho elella motsetseng kapa qetellong ea lekhasi. Makhasi a kaba botala bo loileng kapa a khanya . koena e thunya qetellong ea lehlabula.

Hona le mefuta e ‘meli ea koena e fumanehang Afrika Boroa e leng Mentha longifolia le M.aguatia. Bobeli ba tsona li fumaneha moo holeng monyobo hape ho le bonolo, le likhohloaneng ho tloha kolone ho isa Afrika le Europe. Mentha longifolia eka tsebahala ka makhasi a senang lithupa hape e masoeu. Athe haele makhasi M.aquatica a sephara hape a bopehile joalo ka lehe. Athe lithungthung tsa eona li hloohong mona li pilikochane hape likhobokane n’ga ele ngoe. Mefuta ea koena e fumanehang Lesotho: ke Balderjan le Spearmint.

MOKHOA OA HO SEBELISOA KOENA LE TABA TSA SETSO

Koena e fumaneha libakeng tse ngata kahare ho naha hape e kotuleha ha bobebe. E tsebahala haholo hae sebelisoa ele moriana oa setso. Koena e sebetsa ho phekola mafu, a mang a mats’oafo empa ho fumanehile hore eka sebelisoa nthong tse ngata. Makhasi a eona a sebelisoa haholo , aka etsa tee, e nooang bakeng sa ho khohlela, serame,  lets’oea, le hlooho. Ntle le ho nooa le ka sebelisoa bakeng sa maqeba , ts’oelesa tse ruruhileng. Basotho ba e sebelisa ele moriana o matla bakeng sa sefuba.

MOKHOA OA HO SEBELISOA KOENA LE TABA TSA SETSO

Koena e fumaneha libakeng tse ngata kahare ho naha hape e kotuleha ha bobebe. E tsebahala haholo hae sebelisoa ele moriana oa setso. Koena e sebetsa ho phekola mafu, a mang a mats’oafo empa ho fumanehile hore eka sebelisoa nthong tse ngata. Makhasi a eona a sebelisoa haholo , aka etsa tee, e nooang bakeng sa ho khohlela, serame,  lets’oea, le hlooho. Ntle le ho nooa le ka sebelisoa bakeng sa maqeba , ts’oelesa tse ruruhileng. Basotho ba e sebelisa ele moriana o matla bakeng sa sefuba.

Makhasi a koena le phefo a belisoa ka metsi a halofo ea nkho, ebe ha ese eka mocheso  oa metsi oa theoha motho o hlapa ‘mele kaofela ebe ha a qeta o apara likobo ebe o oa robala. Koena e matla haholo bakeng sa ho arubela. Hape eka tebela litsintsi le monoangg ha o e fanyehile.

MOKHOA OA HO LEMA

Koena eka lengoa jareteng lapeng ebile ho bobebe ho e lema. Hape eka hlaha hantle ha e le ngoetsoe ka pitseng ka hare ho mobu o nang le mongobo ebile o lutse o chenchoa selemo leselemo. Beha nkho ena tlasa pompomoo metsi a tlanne a rothele koena, ebe o lutse o ntse o e poma hangata ho e matlafatsa. Koena e ikatisa ha bobebe ebile kapele hao lutse o noesetsa ebile enale mongobo.

MOKHOA OA HO KOTULA

Re qala pele ka ho kha makhasi a hloekileng ebe re sheba sebaka seo liphoofolo li sa fuleng bakeng sa ho omisa makhasi. Omisa makhasi moo ho leng moriti. Bakeng sa ho omisa makhasi a mangata : ts’ela makhasi a koena kahare ho lakana ea bethe ebe o ts’oara lipenta tsa eona tse peli, o nto beha ka holima ntlo. Makhasi ha ase a omme a boloke ka mekotlaneng kapa ka mekotla ea mesamo ebe o beha ka tlung moo ho o ‘meng. Ngola letsatsi le sebaka seo o kotuletseng teng. Seka oa beha makhasi ho feta selemo. Makhasi a setseng aka etsa manyolo.

Comments are closed.