Polisa, wild fennel in Sesotho

Lebitso le tloaelehileng Polisa

wild fennel, Lefkotsane

wild fennel, Lefkotsane

wild fennel, Lefkotsane

wild fennel, Lefkotsane

Tlhaloso

Polisa ke setlama se nang le makhasi a holang haholo a etsang lipalesa tse ts’ehla le makhasi a boea. Ke setlama seratehang se monko o monate, se sebelisoa ele moriana. Se holaho isa boleleng ba 2.5m ka makala a siileng sebaka. Makhasi a hola ho isa boleleng ba 40cm, lipalesa tsa teng lihlaha makaleng 5-15cm bophara. semela sena se hlaha haholo ka lipeo se etsa lipeo tseka sebelisoang bakeng sa ho noka lijo, ha batho ba bang ba se nka ele lehola.

Mokhoa o se atang ka ona

Polisa leka fumaneha  le hlaha libakeng tse sa lengoeng tse omeletseng haholo hlatheng ka hara naha. Le hlaha mobung o omeletseng bo thokonyana ho noka kapa pela tsela, libakeng tse bulehileng. Lesotho lefokotsane leka fumaneha maloting.

Mokhoa oa tsebeliso lijong

Lipeo tsa lefokotsane li sebelisoa haholo lijong ke melokong e fapaneng ea lefatse. Lipeo tseo omisitsoeng lika sebelisoa ho noka lijo ele spice. Lipeo tsa teng li sootho kapa tala ha ntse lile hantle. Ha nako entse e tsamaea li fetohela  ‘maleng o mothokoa. Bakeng sa ho pheha ho khothaletsoa lipeo tse tala, makhasi aka sebelisoa le ona.

Lipeo tsa lefokotsane ka nako engoe leka ferekanya batho haba sa tsebe hole khetholla ho limela tse ling hoba hona le tse tsoanang le tsona.lefokotsane le sebelisoa ha motho a na le ho tlallana ka mpeng le thusa hape le batho ba nang le bothata ba  monko o mobe.

Mokhoa oa tsebeliso ela moriana

Lefokotsane le ka siloa eaba le a riteloa bakeng sa moriana.lefokotsane le ka thusa bana ha bana le ho tlallana ka mpeng le ka etsoa ele moriana o thusang bana ha bana le bohloko bo ka mpeng le ha ba opeloa ke meno. Bakeng sa batho ba baholo lipeo tsa leokotsane lika etsa tee e thusa haholoha motho ana le bohloko kapa ho tlallana ka mpeng. indian  ba ja lipeo ba sa li pheha baka linoka ele ho thusa bakeng sa pono e ntle.nakong ea khale le ne le nkuoa ela moriana oa mahlo. Batho ba bang ba le sebelisa bakeng sa lefu la pelo le thusa ho le theola. Lefokotsane le bo mme ba batsoetse baka le sebelisa haba sena lebese le thusa haholo bakeng sa lebese.lefokotsane syrup e sebelisoa bakeng sa batho ba khohlelang, ke semela seo lintsintsi li sa se rateng haholo.

Mokhoa oa ho lema lefokotsane

Ho bonolo ho sebelisa lipeo tse butsoitseng tsa lefokotsane, lika lengoa ka serapeng.

 Ho kotula le omisa lefokotsane

Kotula lipeo tsa lefokatsane hale omile hape li lokela ho kotuloa. Lika sebelisoa selemo se hlahlamang bakeng sa tee kappa ho pheha.ka mokhoo o tsoanang makhasi a teng aka sebelisoa lijong.

Tlhokomeliso!

Hona le limela tse tsoanang  hantle le lefokotsane motho a ka lihlalohanya ka monko. Sebelisa liatlana hau leka ho nkha kapaho hlalohanya hore na ke lefokotsane.

Comments are closed.