Lengana, Artemisia afra in Sesotho

Boleng ba lengana

Lengana ke setlama-tlama se monko o monate haholo se makhasi a mangata a bolele baArtemisia

Artemisia, 2, Lengana

mashome a robeli naheng ea Lesotho. Makhasi a lengana a botalabo loileng ka holimo, a masoeu ka tlaase, a bonolo ha ha o a ts’oara ka letsohong. Lengala le thunya mafelong a lehlabula. Le ba le lipalesa ho e lella qetellong ea lehlabula. Libakeng tse batang makala a shoa mariha ebe a boela a  hlaha hape ha lehlabula le thoasa. Lijareteng malapeng hona le lehlahang le le makhasi a maholohape ale bonojoana, hale babe joalo ka le hlahang naheng.

Lengana le fumaneha haholo naheng ea Afrika Boroa le Lesotho, Ethiopia le nahaeng tse leboea ho Afrika le rata omeng, se lehlabathe.

 Ha le sebelisoa ele moriana

Lengana ke setlama se sebelisoang ele moriana Afrika ke batho ba litso tse fapaneng. Le sebelisa bakeng sa ho hohlola, macheso o phahameng, hlooho e bakiloeng ke likokoanyana tsa ka maleng le Malaria, hape le ka sebelisoa litlolong, li oling tse ‘meleng ,ho ikarubetsa hape metsi a lona aka sebelisoa ho hlapa ‘meleng.

Hao ikarubetsa

Ts’ela khabana ele ngoe ka metsing a betseng a botlolo tse peli ,metsotso e mehlano ho isa ho e leshome , ebe o ema hore likopane, ikarubetse metsotso e leshome. Hona ho thusa bula linko tse kibaneng le mamina a metsi , hape le e sebetsa khahlanong likokoana-hloko tseka setisang ho ka ho hema. Beha makhasi a lengana ka linking hali kibane.

 Hao hlapa ‘meleng le ho lula lengana

Belisa khaba e kholo ea lengana ka metsing a lithara tse hlano, hlapa meleng kaofela metsi a ntse a chesa, ebe oa ipulisa. Joale ebe o beha mokuli betheng o tsetse metsi a chesang ka botlolong. O ka khaba tse peli tsa KOENA ka metsia hlapang hona ho thusa bakeng sa sefuba mocheso o phahameng le mafu a ka morao.

Hao hlapa karolong tse ling tsa ‘mele

O ka hlapa sefahleho, makhopho a mahlong le aka tsoang ‘meleng.

Setlolo

Kopanya 10gr ea lengana le sitsoingle 10gr ea oilea sunflower, e futhumatse e seke ea bela joale e sefe ebe hao qeta o e  le mahe a kopanya le mahe a linotsia qebelihisitsoeng kapa parafini. E hantle bakeng sa likokoana hloko tse nyane, e hantle bakeng sa tse ka a mang letlalo le linoko tse bohloko.

 Ho lema , ho kotula le mokhoa oa ho omisa lengana

Kaha lengana le hlaha hohle naheng ea Lesotho ha ho bohlokoa ho le lema jareteng. Hao kotula makhasi ele hloko hore hase moo liphoofolo lifulang teng. Khaha makhasi pele a thunya ebe o a beha ka lebokoseng le koahelehileng ho thibela lerole le moea hobane aka fefooa. A  behe sebakeng se futhumetseng se letsatsi. Matsatsing a pele a mabeli ho isa ho a mararo , ebe o beha morifi. Haa o mme a sile horeebe phoofo ebe o a tsela ka koti koting e koahelehang.

Ela hloko!

Hao sebelisa lengana nako e telele khafetsa oka ba le ho nyekeloa ke pelo, bohloko ba ka mpeng le khatello ea boko.

Tee ea lengana ea baba, e monko o seng monate. Ho qoba tse na sebelisa lengana le tsoang jareteng ho noa ebe la naheng hao etsa meriana ho phekola mafu

Comments are closed.