Sage, Salvia in Sesotho

Lebitso le tloaelehileng Sage

Tlhaloso

Sage ke semela se makhasi holang bolele ba3-5cm a mathokoa ka ‘mala abile aboea. Lipalesa tsa teng li putsoa le pherese li hlaha hlabula kappa ka nako ea hoetla.sage e monko o matla sea babaka hanong.

Mokhoa oa ho atisa

Sage e hlaha libakeng tsa naha tseo ho sa lengoeng joalo ka lithabeng le libakeng tse ngata ka hara naha ha e hloke mobu o mongata.e shebahala joaloka  mohloa e monko o bohale e sebelisoa haholo ele senoko sa lijo. Sage eka hola ka mekhoa e fapaneng eka etsa lipalesa tse tsoeu.

Mokhoa oa ho lema Sage

Sage hangata  e mela ka lipeo empa ka nako empa ka nako engoe ho ka sebelisoa semela sa sage se khaotsoeng a selema ntle le ho sebelisa  lipeo. Bakeng sa holema  nka makhasi a manyane a tsoang semelena se seholo, tsela metsing hang ha se li loketse ho lengoa lema mobung o mongobo. Limela tseno li hloka ho tselloa ka mehla ele hore li tsebe ho hola.etsa hore li lule li tseloa,li leme bo tlasa sefate moo le sa chabeng hore li seke tsa soasoabana.

Mokhoa oa ho sebelisa ele moriana

Karolo tsa semela tse sebelisoang bakeng sa moriana ekaba makhasi ateng, nakong a khale sage ene ele setlama se ratoang haholo.sage eka sebelisoa bakeng sa bakeng sa ho hlatsoa ka hanong kapa ha motho ana le ‘metso kapa ana le marenene atsoang mali. Sage e hantle haholo bakeng sa hlooho le book, sage e thusa haholo bakeng sa ho matlafatsa  karolo tse ling tsa ‘mele.tee ea sage e hantle bakeng sa ka mpeng haholo tsilong ea lijo. Kopi ea tee eka thusa ha motho a tsoeroe ke methapo. Makhasi a matala a sage a ka thusa ho matlafatsa marenenehape le ho hloekisa meno.

Tee le ho khakhatsa

Bakeng sa tee tsela halofo  ea litera ea metsi a belang ebe o tsela khaba e nyane ea makhasi a sage  a omisitsoeng, inela ka metsing metsotso e leshome. E hantle bakeng sa ho noa le ho khakhatsa tsela vinegar le metsi ebe ua khakhatsa. Tsela makhasi a sage ka khalaseng e tletseng vinegar metsotso e mehlano e tsele lelaping le meniloeng tsela vinegar e futhumetseng ebe o thoba moo ho nang le bohloko.

Mokhoa oa ho sebelisa haho phehoa

Sage eka tseloa ka soophong e thusa hore lijo li silehe hantle ka mpeng.

Mokhoa oa ho kotula le ho omisa makhasi a sage

Kotula selemong sa pele seo o lemeng sage ka sona. Kotula pele li etsa lipalesa. Kuta makhasi ebe oa tsela pampering, ngola ka holimo hore na ke eng. Etsa bonnete ba hore makhasi aka pampering haa mangata ele hore atle a tsebe ho oma hantle. Beha mekotla ea sage moo ho futhumetseng moo ho nang le moea. Ha sage e omile e tsele ka botlolong e kaelehang ngola letsatsi le lebitso.sebelisa khaba ea makhasi a omisitsoeng ebe oa noa. Khaba e nyane ha ele makhasi a matala.

Comments are closed.