Thobhea – Comfrey in Sesotho

Thobea – COMFREY
Litaba tsa bohlokoa ka setlama sena se tloaelehileng.

Lebitso le tloaelehileng: Comfrey (knitbone, boneset) Lebitso le loketseng:          Symphytum officinale

Tlhaloso

Comfrey ke setlama se holang haholo se nang le makhasi a boea a holang bophara ba 12 ho isa 18 bolele (30 ho isa 45cm), setlama sena se setle haholo ka shebahalo se etsa lipalesa tse putsoa kamora nakoana li etsa bopinki hase lilo fela. Semela sena se hola bolele ba maoto a mabeli(60cm), eka ikatisa bophara bo boholo. Methapo ea eona e mesesane.

Mokhoa o se atang ka ona

Ke tloaelo Europe ho lema setlama sena, moo ho leng mongobo, mme hole mohloa. Hona le lipatlisiso tse fumanehileng hore seka mela kapa sea mela South Afrika.

Mokhoa oa ho lema comfrey

Limela tse ncha lika mela ka ho kuta kapa ho
khaola methapo ea comfrey, hape ho khothaletsoa
hore motho a e leme ka koti koting kaha ena le
methapo e khonang ho teba. Comfrey hae tsoe ha
bobebe jareteng. Etsa hore semela sa comfrey se
lule sena le metsi a lekaneng nakong ea temo
haeba o e lemela ho e kotula makhasi a eona.hape
ha motho aka lema methapo ea comfrey mobung o
phethotsoeng, etsa bonnete ba hore methapo eno e
tebile botebo ba 5 cm. haeba oso ntsona le semela
se hotseng hantle sa comfrey ka jareteng ea hau o
ka khaola karolo engoe ea comfrey ka kharafu ebe
o tsetela mobung. Semela sa pele se tla hola kapele mme se etsa makhasi. Etsa bonnete ba hore o tsella moo o lemileng comfrey ea hau ho fihlela semela se senyane se hola kapa se tiea, kaha comfrey e mela ha bobebe hae hloke le mobu o motle hore e mela ,empa oka matlafatsa mobu oa hau ka manyolo. Etsa hore o kotule comfrey ha ese ele hantle ele boemong boo o bonang hore e holile hantle.

Mokhoa oa tsebeliso ele moriana

Comfrey eka sebelisoa haholo bakeng sa masapo a robehileng , tee ea comfrey: makhasi a macha kapa a omisitsoeng aka sebelisoa ha monoana o robehile kapa oa ithoba ka tee ea comfrey o sebelisa boea. Comfrey e sebelisoa haholo moo motho anang le maqeba kapa a ruruhile, eka sebelisoa ha motho a hloekisang leqeba. Etsa hore makhasi abe ka metsing a betseng , tlhotla lero mme o tlame kapa o koaele makhasi a comfrey ka lesela o thobe moo ho ruruhileng ka moriana o futhumetseng. Koaela karolo enang le bothata ka thaole ho boloka mofuthu kahare.

Mokhoa oa ho e sebelisa ele manyolo

Kenyeletsa comfrey ea hau hao etsa manyolo empa etsa hore o tsele a lekaneng.

Manyolo a metsi

Aka hlahisoa ka ho bolisa makhasi a comfrey a pula bakeng sa beke tse ‘ne ho isa ho tse hlano ho etsa manyolo aka sebelisoang.

Mokhoa oa ho kotula makhasi a comfrey
Khaola setlama bolele ba 5cm ho tloha fatse. Ho eletsoa motho ho roala liatlana nakong eo a kotuloang hoba makhasi a comfrey aka sola motho letlalong. Ho kaba molemo ha semela seka kotuloa pele se thunya. Comfrey ena le mongobo o mongata ebile eona e hola ha bobebe ho feta litlama kapa limela tse ling tse tloaelehileng. E omise moo e sa chabeloang ke letsatsi, kapa moo ho leng moriti. Ha makhasi a lokile a omile a tsele ka jekeng kaha monyobo o ka etsa hore makhasi a senyehe. Kamora ho kotula setlama se tla hola hape me seka kotuloa kamora beke tse peli.

Hlokomeliso

Comfrey haea lokeloa ho jeoa kaha e kaba kotsi mothong

Comments are closed.